| nathan.co.za Bible | Sermons | Books | Studies | Missions | Stories |
| This page: nathan.co.za -> Sermons -> Molao wa Leshome le motso o Mong |
KGAOLO YA 1
HA LERATO LE HLAHELLA
Kgotsong metswalle. Ke rata ho bua le wena ka taba ena phirimaneng ena "Ha Lerato le Hlahella, Mohau o ya Tswella." Ho nka taba ya rona re e fumana ho Mohalaledi Johanne 3:16: "Hobane Modimo O ratile lefatshe hakalo, O bileng wa le nea Mora wa Oona ya tswetsweng A inotsi, hore e mong le emong ya dumelang ho Yena a seke a timela a mpe a be le bophelo bosafeleng." Lengolo lena le bua ka Lerato, mme re ya tseba haho taba e nngwe, kapa ho ruta, kapa ho laola, seo setla tla hotswa Leratong la Bokreste la Modimo. Ha ho ya ka kgonang ho hlalosa Lerato la Modimo, leha ba bangata ba lekile. Baroki le bangodi ba dipina empa bahlolehile, mme re, jwalo ka basebeletsi, re rera lerato la Modimo empa ha re kgone ho hlalosa Lerato lena le makatsang. Seroki se seng se ile sare:
Ha mawatle ohle a ne a na le enke, mme mahodimo a entswe ka matlalo a fapaneng,
Mme kuto lefatsheng e le lesiba, mme monna e mong le e mong ele lekgoba ka thekiso,
Ho ka ngola lerato la Modimo ho ka o misa lewatle,
Leha e kaba buka e tshwereng tsohle, e manollwa ho tloha sebakeng ho ya sebakeng.
Ke ne ke nahana haholo ka seroki sena:
Haesale ke bona seo ka tumelo Maqeba ana a makatsang,
Lerato le fodisang ke seo ke se nahanang, mme ke tla ba jwalo ho fihlela ke e shwa.
Ke nahana ka sena ka hare ho kopano ya kereke ya Modimo leratong lena. Mme re hloka dimpho tsa rona mme metsamao e na yohle, leha ele ba lokileng re ka fana ka thoriso ho bona--empa ha mpho e na ya lerato ha ba amehe.
Lerato le lokela ho laola lehae--lehae le sa laoleheng ka lerato ha se lehae. Ha monna le mosadi basa ratane ha ngata, ha ba tshepane. Hopola, lerato ke ntho e kgolo ka ho fetisa--mme ho na le ho phomola tumelo ya rona e ntse e tsamaya, e leng se lokileng--kapa ho dimpho tse ding, e leng se lokileng--jwalo ka ho hweletsa le ho bua ka diteme, j.j., re lokela ho bea tumelo ya rona hodima lerato. Re lokela ho kgutlela tabeng ena--lerato pele, ntho tseo tse ding. Ha re entse sena re tla tswella ka potlako, hobane Modimo ke lerato.
Jwale lerato le ka tsela tse pedi, ka mantswe a mabedi a ka hlaloswang ka teng. Ka seGrieke lerato le leng ke "phileo"--leo ke lerato le tlwaelehileng leo o bang le lona ho mosadi wa hao; empa "agapao" lerato le hlalosang le leholo ho ohle--mme marato a na a mabedi ha a tshwane. Bakeng sa mohlala, ka lerato leo o nang le lona ho mosadi, ha monna e mong a ka mobuisa hampe o ka mmolaya ho na moo--leo e tlaba lerato la phileo; empa lerato la agapao, kapa lerato le sa lekanyweng, o tla rapella moya wa motho e mong. Ke seo e leng phapang. Ke nale bonnete hore ba bangata ba thetsuwe ke lerato la phileo, mme o nahane hore ene e le lerato la agapao. Lerato la phileo le ya lekanywa, moo lerato la agapao le etswa pelong. Lerato la batho, kapa lerato la kamanyo, le etswa pelong--Lerato la Modimo letswa pelong. Jwale lerato la phileo o tla dula o na le dipotso, empa lerato la agapao le tlang ho dula ka kgotso. Lerato la batho le dula le nale mabaka--Lerato la Modimo ha le etse seo. Lerato la Modimo le na le tsohle, mme lehlahisa lerato le sa tshwaneng la Modimo.
Bongata ba lona ba teng mona phirimaneng ena, "O nahana hore o ilo bala karolo eo feela, mme ke phetho seo?" Oho empa metswalle, ho nale se sengata tabeng ena ho ka o romela lehodimong kapa kahlolong. Mokgwa wa hao oo o shebang lengolo lena ka oona le tla o tisetsa ho ya kamoo o sa feleng, jwale ha re nahane ka seo nakwana.
Leha lengolo lena le bonahala le le lenyane--ho na le ntho tse ngata tseo re dietsang bophelong bona--empa Jesu o itse ha lefana ka galase ya metsi a batang Lebitsong laka, le tla putsuwa. Ke ya leboha haele mona a bona ntho tsena tse nyane tseo redietsang. Lerato ke tsela ya matla, mme ha lerato lehlaha, mme le fihla pheletsong ya matla a lona, e ba mohau o tla le phahamisa ka baka la ntho tseo le di batlang. Ke lona lebaka leo re nang le Mopholosi ka phirimana ena, Modimo O ratile lefatshe hakalo, mme lerato la Hae ho itlhahisa lefatsheng le ile la hlahisa Mopholosi. Modimo O ne a rata ho o bona hoo Lerato la Hae le ileng latswa ho hlahisa phodiso ya mafu a hao e sita le dibe tsa hao. E ne ele lerato la Modimo le ileng la Mo sutuletsa ho etsa seo. Haho ntho e kgolo ho feta lerato--le tlisa tshepo,tumelo, le tshwarelo. Lerato ha le na tshabo, lerato le tebela tshabo. Ke fumane tshabo e kgolo mahareng a Bakreste--sena ha se ya loka mme ha se ya lokela hoba ka tsela eo. Tshabo ke phokolo ya tshepo, empa ha o nale lerato le tshepo o ka sebe le tshabo. Modimo O rata hore o be le lerato le tshepo ho Yena--sena se tla tlosa tshabo mme se tlise hore o mosebeletse.
Lerato ha le ya itshetleha ho ntho e itseng kapa molaong o itseng, lerato lwe itshetlehile ho tumelo, tumelo ho Modimo, tshepa Modimo, tshepo ho Modimo. Mme ke tla le bolella sena metswalle yaka, ha lerato lena le etla ka pelong yaka, o ka se utlwise bohloko, kapa ho utlwiswa bohloko. Ha o dumela Modimo, o fela o Mo dumela ka nnete, mme o nyalana le Yena, o ya shwa nthong tsa lefatshe lena, Modimo ebe O hlahisa lerato la Hae, mme Lerato la Hae le o etsa seo o leng sona.
Ke rata ho o bolella bopaki baka ba tsebo yaka ka lerato lena: bophelo baka ha bo jwalo kaha batho ba nahana, ha seo, ke lerato, ke lona lebaka leo, ke ho rata Kreste. E seng hore feela ke e tsa jwalo, empa ho tswa pelong ya hao ho Morata. Ke le bona bokgopo bo boholo ba satane bohlolwa, ke ile ka bona diphoofolo diinehela leratong le boteng ba Modimo. Lerato le le leka tshabo.
Ba bang ba lona mona mantsibueng a na ba ka hopola ka phirimana ela mane Portland, Oregon, ha senokwane se ne se ntjametse, mme sa ntshwela ka mathe, mme se nthoaka. Bongata ba baruti ba ile ba baleha ho tloha platformong, ba ne ba motshaba. Ho ne hole bao ba neng ba nahana hore molao o lokelwa hoba sebakeng, mme ba ne ba lokela ho monka ka sheshe ho ya mokwalla hape. Ho na le ho hloya monna eo ke ile ka morata. Ka nahana, "Monna enwa wa batho ha a batle ho ntlhokofatsa--ke diabolosi ya ka hare ho monna enwa, o batla ho ntlhokofatsa. Monna enwa o na le lelapa, le ratang, le hlokang ho ja, le ho kopanela, mme hoba moahi, empa ke diabolosi ya ka ho yena ya etsang sena." Ka nahana, "Moena eo ya sa tsebeng" A atamela ho nna, "Ke tla o bontsha hore na o mohlanka wa Modimo kapa jwang!" Jwale ka sere letho, ka molebella feela. Ho ne ho kgutsitse hohle, yaba monna eo ore, "Wena noha hara jwang!" Ka se bue, empa hopola sena, ke ne ke sa tshabe, hobane ke eme ka lerato la Modimo, mme le ho molebella. Yare ha a phahamisa letsoho la hae ho ka ntebela ka setebele, ka re, "Satane, e tswa ho monna eo," mme yaba o wela pela maoto a ka, a wela fatshe. Le seke la tshoha metswalle, ho na le ho etsa seo le kampa la rata. Jwale hopola, diabolose o tla leka ka tsela tsohle hore o tiise seo o se bolelang, empa ha o na le lerato la Modimo haho tshabo e setseng, mme o ka ema ho seo o se bolelang mme o ka se hlolwe.
Ke hopola sena: Mexico lemong se fedileng haho ne ho bolelwa hore re ka se fumane sebaka moo, ka tsela e jwalo batho ba neng ba etla kopanong ba ne ba kopanela thoteng e bulehileng feela. Ho ne ho se ditulo tseo ba ka dulang ho tsona, ba itshetleha e mong ho e mong ho ka utlwa Lentswe la Modimo--ba batjha le ba tsofetseng, mme ba bang ba ne ba tsamaya letsheare lohle hore batle kopanong. Ha ke ba tadimile baeme moo mohatseleng ka nahana, "Ba lokela ebe barata Morena ha ka kang!" Ka tsatsi la kahlolo batla ema kgahlano le ba itukisitseng batho ba dikereke ba sakang ba rata ho bula ma mati a bona bakeng sa kopano. Ha kopano e ne e tla kwalwa ka tsatsi leo pula ya tsholoha ka matla, mme rene re koloba haholo yaba pherekano e ya qala hara batho bao.
Mora wa ka Billy Paul a tla ho nna a re, "Ntate, ho nale mme e monyane hara letshwele--ngwana wa hae o shwele mme o leka ho batla tsela hara letshwele le diushers, mme o hweletsa hoo hoseng le ya mong wa rona ya kgonang ho ka mothiba." Ka re, "Jwetsa Moena Moore ho ya morapella." Ha Moena Moore a atamela kapa a eya ho mosadi eo ya monyane wa moMexico hara letshwele le neng le se le petetsane pela platfomo. Ha a atamela ka bona pono ya ngwana ya tsohang. Mme e monyane eo o ne a hweletsa a re, "Padre, Padre!" ka re, "Tlisang ngwana eo e monyane kwano." Ka hlokomela hore o ne a sa tsitsinyehe tlasa kobo eo e metsi ke pula. A mpolella hore o ile a hlokahala dihora pele ho tseo tsohle empa o ne a sa batle ho lefa dingaka kapa batho bamotjhare, empa o le tlisitse hore ke le rapelle. Ka bea matsoho hodima lona le ho lerapella ka thapelo e fokolang ya Modimo, mme Modimo jwalo ka paki yaka, lesea leo la raha haholo ka tsela e makatsang. Seo sa bonahala le ho utlwahala kaofela Mexico.
Lerato la mme le bonahala, Mohau wa Modimo o bonahala. Amen.
Phirimana e latelang ba tlisa monna moholo ya sosobaneng sefahleho, mme diaparo tsa hae dine ditabohile. Ha a fihla kapela ka a qala ho rapela--ka re, "Dibehe moena hobane ha o sa dihloka ha jwale." Oho tsela eo ke neng ke rata monnamoholo eo ka yona, mme ka moutlwela bohloko--yaba ke bona maoto a hae ntle ho dieta, borikgwe ba hae botabohileng. Ha tsohle tsena dile kgahlano le monnamoholo, ka seke ka kgolwa tlhaho e kaba jwang kgahlano le yena--empa o ne a sa bone! Ke tadimane le sena pelo yaka ya tlala lerato le kutlwelo bohloko, mme ka lla ho Modimo o ka hodimo ka re, "Jesu, e ba le mohau ho ntate enwa ya foufetseng. Na o ka mothusa Ntate?" mme ka utlwa monnamoholo a re "Glory Adios !" mme pono yohle ya hae ya kgutla. Ene ele eng? E ne e kena ka hare ho matshwenyeho a Hae. O lokela ho etsa seo! Haeba ke nkile ka aatleha ho rapella batho ke ha ke kena ka tshebeletsong le bona, ka utlwa botho ba bona, ka utlwa maemo a bona; ebe se seng se ya etsahala ka hare ho wena se rorisang thapelo ya tumelo baakeng sa bakulang. O lokela ho utlwela motho bohloko, o be le mohau bakeng sa hae, o lokela hoba ho yena--ebe o kena ka botebong bo bong--ke lerato le leholo.
Ke tlilo o bolella se seng mona--o ka nna wa nkuka jwalo ka moiketsise kamora sena, empa ke tla le bolella sena. Kaofela tshebeletso tsaka dipatilwe ka lerato--ha nka kgona ho ka rata, empa kaba le mohau bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe e kapela ka--se seng sa etsahala! Ha ke ne kele molebedi wa dirapa tse hlaha kgale kwana, kene kele thoteng ke etsa mosebetsi waka kamehla ha ke hopola hore e seng hole le moo keleng teng ho ne hole motswalle waka ya kulang mme o ya ntlhoka. Ka nahana hore ke lokela ho ya ho yena kaha kele pela moo a dulang teng, jwale ka kgaoletsa kaho tlola terata ka tsela eo. Jwale ka beha sethunya saka setulong sa traka, ka tlola terata, ka leba ntlong ya motswalle waka.
Ha nkaba dijarete tse 200 ho tloha terateng ka bona poho e na e kgolo e ntsho e ema kapele ho nna. Oho e ne etswa ho kae? Yaba ke ya nahana hore ke mmolai e tlositsweng polasing ya Burk. Kgwedi tse mmalwa e bolaile monna e mong, empa ka hobane ele poho e ntle ba e rekisitse polasing ena mme ke lebetse hore e teng kamoo. Ke eo moo e emeng teng dijarete tse kabang 30 ho tloha ho nna--ka tshwara sethunya saka empa sene se le siko moo, ke ne ke se siile ka trakeng. Oho ke ya leboha hobane ke ne ke se siile ka trakeng, hoseng jwalo e kabe ke ile ka bolaya poho eo, e be ke ile ka patala ha morao. Ya fataka makwatsi le ho batla ho hlasela. Ke ne ke tseba hore terata e hole, se neng sele pela ka ke mohlware o monyane oo e neng e robetse ho ona. Oho ke tla etsang? Leha nkare ke ya kae e tlabe e se e ntshwere--e ene ele lefu! Yaba ke nahan ka Morena wa ka, mme pelong yaka ka re, "Ke tla ya lefung laka ha KE KGONA ho tsamaya, ho tshepa Jesu Kreste." Ha tla se seng ka pelong yaka (jwale ka kopo hle o seke wa nka sena ka tsela e nngwe) yaba ho etsahala se seng. Oho ke nahana hore seo setla etsahala hantle feela hona jwale! Kamehla tabeng e kang ena "se seng" se ya etsahala. Ho na le ho hloya poho eo ka e utlwela bohloko, ka e rata, mme ke ne ke se ke sa e tshabe phoofolo eo e emeng mona moena. Kaofela tshabo e ne ele siko jwale ese ele lerato, "Sebupuwa seo. Ke se hore--o phoofolo mme hao tsebe letho--o tseba feela ho tshireletsa ditokelo tsa hao." Yaba ke bua haholo mantswe ana, "Oho sebupuwa sa Modimo, ke mosebeletsi wa Modimo ke tseleng ya ho ya rapella moena ya kulang. Ke kopa tshwarelo ka ho o tshwenya, empa Lebitsong la Jesu e ya o ilo paqama." Yaba hang e emisa makwatsi a yona e ya tsamaya e ilo paqama. Ka ema feela moo ka ho makamala. Mmolai eo ya moholo a eme moo-ya neng a tlo mpolaya maoto a mahlano feela 5 ho tloha ho nna. Ene e hlasitse hoo e neng e fataka makwatsi, yaba eya tloha e ilo paqama, mme ka feta maoto a 5 ho tloha ho yona. Oho, ha lerato le lekwa le hlola dira tsohle tseleng lefatsheng. Modimo A ileng a kwala molomo wa ditau O ntse A phela le kajeno, moena!
Mosadi wa ka, ya leng teng mona, o dula a le kamoraka ha ke kuta jwang ke le ka dikgopo. Ke nale jwang bo ka bang botelele ka jareteng moo ke dulang teng, bo bongata kapele le kamorao. Ha ke ntse ke kuta jwang jwalo letsatsi le tjhabile ke ye ke hlobole hempe yaka nakong eo ke kutang jwang ka morao, mme ke kute moo tsohle. Ho ye ho fihle mohala wa motho ya kulang ke ntse ke le moo ke lokele ho tlohele, e be ke tla hlobola phahlo tseo tse tletseng mofufutso le dibokathe, mme ke hlahe kamora nako ke se ke loketse tsela. Jwale, sena se tla dula se le jwalo ho fihlela jwang bo kapele bohola pele ke qeta ka nqenngwe.
Ka tsatsi le leng le tjhesang kene kele kamorao ke kuta teng ka hlobola hempe hore ke tle ke etse kapele. Ka lebala hore khoneng ya jarete ho nale tulo ya dinotsi (semane), mme ka senya tulo ya tsona, mme metswalle, Modimo ke Moahlodi, ka nako le motsotso ke ne ke aparetswe ke tsona. Jwale le ya tseba hore metsu ya tsona e bohale jwang, e ka o bolaya--mme ke ne ke eme moo ke hlobotse--yaba se seng se ya etsahala! Lerato, ke seo eleng sona. Ho na le ho hloya dinotsi tseo, "Dibupuwa tse nyane tseo tsa Modimo, ha ke kgahlano le wena. Ke lehae la lona leo ke le tshwentse." Yaba kere haholo ho dinotsi, "Ke kopa tshwarelo ke lebetse hore sehlaha sa lona se teng mona, mme ke leqadile --ntshwareleng hle." Seo se utlwahala ele ntho ya bongwana, empa ho molemo hore re be bana ba Modimo ho na le ho etsa e ka re batho ba baholo-ho na le ho inkela dintho matsohong a rona. Dinotsi di ne dibokane ho nna kahohle empa ke ne ke sa ditshabe, "Dibupuwa tse nyane, kgutlelang sehlaheng sa lona hle, nke se le utlwise bohloko." Mme jwalo kaha Modimo a phela, dinotsi tseo diile tsa pota hararo mme tsa kgutlela morao sehlaheng sa tsona. E ne ele lerato--oho matla a lerato metswalle!
Ka nako e nngwe ha lerato le ntsitsinya tlhahong: Lehlabuleng le fetileng kene ke dutse kantle le metswalle ya ka e mmedi Leo le Gene ke baruta Lentswe la Modimo. Re ne re le thutong e tebileng ya lerato la mme. Hoseng hoo ho ne ho le taba ya mme e monyane wa moNegro ngwanana ya tswetseng ngwana ya sa itekanelang, ya ba o moisa borokgong ba Noka ya Ohio mme a lahlela ka metsing a le phuthetse ka kobo. Yaba mokganni wa tekesi o ya bolela mapolesa a batlisisa bafumana hore ke nnete. Re ne re bua ka tsela eo hore kamoo basadi ba senang lerato ka teng--e ene ele mosadi a belehile ngwana, empa e ne ese mme.
Yaba re bona opossum (phoofolo ya Amerika) e tla tseleng. E ne e fetile jarete tse ding tse se nang difence mme wa tla ho yaka e nang le fense, mme jwalo kaha o tseba tsela ya ona, hobane ha o kaba wa tswa tlasa terata o kene hekeng, o kene hantle ka tsela, mme wa fihla hantle setupung. Ka re ho bashemane, "E lokela hore ebe e nale madinyane, hobane opossums ditsamaya bosiu hobane--ha di bone hantle motsheare."
Yaba re ya e kgahlanyetsa. Ka nka haraka ya tshimong Moena Woods o ne a sa tswa e bea moo yaba ke e tlosa hantle. Ho nale ho etsa ho bapala 'possum jwalo kaha ho tlwaelehile ya itshwarella. Sena se ile sa mmakatsa haholo hanyane ka bona kotsi ho yona jwalo kaha di bapala 'possum--seo ke ho bona seo.
Ka e fetola mme ka bona hore e lemetse mokokotlong--e ne e nale leoto le robehileng le hlohong e na le madi a o mmeng. Dintsintsi di ne dientse leqeba le kang la sebodu, e ne e nkga sebodu, e fumane tshwaetso e kgolo. Ha e robetse ka mokokotlo wa yona fatshe ka mmele o monyane o nkang madinyane a yona--mesifa e ne e kgathetse hoo e sa kgone ho etsa letho. Madinyane a robong a manyane a ne a le teng moo, mme e ne e a hlokometse. Oho nahana ka seo hle! Ka bofokodi ba yona bo boholo ya disa bana ba yona, mme e leka ho a hlokomela. Ka re ho Leo le Gene, "Shebang bashemane, mme wa sebele ke enwa--o sebedisa matla a hae a ho qetela ho ka hlokomela bana ba hae, ha mosadi e lwa wa mokhalathe a lahletse wa hae kamona. Lerato la sebele la mme ke lena.
Oho pelo yaka ya ameha! Ka yona nako eo ya leka ho phahama, ka tsela e jwalo ka e dumella, mme ya ema ya leba lapeng laka. Opossum eo ya tsamaya hantle ho fihla monyako wa ntlo yaba e ya akgeha, ha e yaka ya nka bohato bo bong. Re ya ho yona ka nako eo moena le kgaitsedi Woods batla le bona. Kgaitsedi Woods eo eleng ngaka ya diphoofolo ka boyena a re, "E lemetse haholo o tla lokela ho e bolaya Moena Branham." "Oho," ka re, "Nka seke!" Mme a re, "Empa e tla shwa bana ba na ba yona bona." A re, "Jwale nka bana o ba bolaye kapele." A ntisetsa hore ho tlaba molemo ho ka e bolaya ho na le hore e sotlehe--empa oho ne nka se etse seo. Jwale a re, "Jwale, e ya o nke sethunya o thunye ntho ena Moena Branham." Ka re, "Tjhe, ha ke dumele jwalo Kgaitsedi Woods. Nka se kgone." Yaba o re, "O setsomi, haho jwalo?" mme ka re, "E, empa ha ke mmolai." Jwale a re, "Re tla fumana monna waka ho etsa seo." Empa ke ne ke sa bone seo se hlokahala, jwale kare, "Jwale, ha re eme nakonyana."
Letsatsi la feta, mme mantsibueng ao ka tswa ka koloi. Ha ke kgutla ka ya ka hlokomela hore 'possum e sa le teng na. E ne e le moo, e se e tla shwa. Ka tseba hantle hore ha e ne e le matla e kabe e tsamaile hobane ho ne ho se hole lefifi--empa e robetse moo e ntse e leka ho hlokomela bana ba yona. Oho ka utlwela phoofolo eo bohloko.
Hoseng ho latelang moradi waka Rebekah a tla ho nna--e ne ese e kaba hora ya botshelela ke ne ke tswile ka tlung ho ya bua le Morena. A re, "Ntate, ke sitwa ho tlosa opossum eo kelellong ya ka." Ka re, "Ha ke kgone Becky," re nka qeto ya ho ya e hlokomela hore e teng na mme ene e futhelwa ho feta maobane--e ne e hema hanyane. Becky a qala ho lla mme a ya paqama betheng ya hae. Ka kgutlela morao, ka nahana, "Oho Modimo, ha jwang mme eo wa 'possum a lokela ho sotleha ka tsela ena--tsela eo a ratang bana ba hae ka yona. Ha ke kgolwe hore ke lokela ho e bona ha e shwa." Mme ya re ha ke dutse moo se seng sa re ho nna, "O ne o rera ka yena maobane, o mosebedisitse jwalo ka molaetsa." Ka re, "Ho lokile." "O itse ke mme wa sebele." Ka re, "Ho jwalo." "Empa ke morometse monyako wa hao, mme o dutse monyako wa ntlo ya hao hora tse 24 a emetse hore o morapelle, mme ha o yaka wa bua lentswe le ha le le leng." Ka re, "Jwale, ha ke ya etsa seo..." Ka re, "Ke bua le mang? N ake bua kele mong?" Ka tlola mme ka re, "Oho, na ke Wena Morena?" Ka inamisa hlooho me ka lla, "Oho Modimo ya mohau, tshwarela mosebeletsi wa hao ya ikokobeditseng o ne a sa tsebe. Ke kopa tshwarelo Modimo bakeng sa bothoto bo bokalo le ho hloka bohlale. Ntshwarele ke ya kopa Morena." Ka seo ka ya ho mme opossum ka kgumama mme ka lelala ho Modimo ka rapela hore a fole, ka bea letsoho laka-mmele o batlang o shwa. Ya re ha ke ema bophelo bakgutlela ho yona hape--a tlola ka maoto a hae, a bokella madinyane a hae, ya sheba ho nna jwalo kaha e ka ere, "Ke ya leboha, monghadi," mme ya kena tseleng. Ya theoha jwalo, ya theosa hantle feela ho ya tseleng! Ke ne ke thabile haholo, oho ka leboha Modimo! O ile a tlisa phoofotswana eo e nyane ha ka--phoofolo e se nang bophelo bakeng sa Moya o Halalelang ho ka tsamaya--empa Modimo A tlisa phoofolo eo. Jwalo kaha ke tseba, e ile ya hodisa madinyane a yona.
Ha Modimo, ka Moya o Halalelang, ha o ne o ka tlisa opossum ho nna hore ke e rapelle bophelo ba yona botle bo bolokehe, wena o fetisa ha kae opossum eo? Ha o ya tla mona ho ka rapellwa le wena, moena waka ya ratehang? Hantle feela ha Modimo a kgona ho tsosa opossum, A ka o tsosa le wena kajeno. Oho ha re shebeng ho Yena ka pelo tsa rona! Lona barobetseng mona le kula, na hao tsebe hore Morena wa Marena o o tadimile? O seke wa tshwenyeha, o seke wa tshoha. O ka nna wa bolela jwalo, "Oho empa ka tlhompho ho Modimo," empa ke bolela sena--le bana ba Hae mme O ya lehloka, O ya o rata. O ile a O rata hoo Lerato la Hae le hlahella, mohau o bonahala jwalo ka Mopholosi ho ka re tlisa ho Yena; ka tsela ena Mopholosi O ile a hlokofatswa bakeng sa hao. Modimo o ile a rata motho wa Hae hore A tle a mopholose--mohau wa Modimo o etsa sebaka, hobane lerato la Hae lehloka seo. Ha lerato la Hae lehlaha, Kreste A ho nka sebaka--le ne le hloka se seng ho nka sebaka--Lerato la Hae feela la nka sebaka, mme mohau wa hlahisa sehlabelo. Jwale o kotjwa feela ho dumela--"E mong le e mong ya dumelang ho Yena a seke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng." Ke nahana hore o bona pono eo.
Lerato ke se sebediswa se seholo nakong ya Modimo. Modimo ke Lerato, Bibele ere ke Lerato, mme ha o eba ngwana wa Hae, karolo ya moruo wa Modimo, o ba korolo ya mmuso wa Hae. Ha o etsa seo o fetoha mora le moradi wa Modimo, mme O itse o tla o nea bophelo ho sa feleng. Jwale lentswe lena bosafeleng ka seGrieke ke "zoe," ho bolelang bophelo ba Modimo; ebe Modimo o tlisa wena hoba karolo ya Hae ka ponahatso--ebe o fetoha ngwana "o tswetswe ka" kapa "ho tloha" mme seo se o kenya hore o be karolo hoo o seng o le mora kapa moradi.
Modimo Mmupi ya bopileng tsohle ka matla a Hae ka Lentswe le Builweng, mme sohle seo Lentswe la Modimo le sebuileng. Lefatshe lohle le entswe ke Yena, mme ha jwang re leka ho iphapanya Lentswe la Modimo, kapa ho lekanya Lerato la Modimo ka ho nahana. Lona lefatshe leo re emeng hodima lona kajeno ke le hlotsweng ke Lentswe la Modimo--Modimo O entse lefatshe ka Lentswe le Builweng. Oho hle!
Hobaneng o tlile mona mantsibueng a na ho ka rapellwa? Moya wa hao o eme kae le Modimo ke ya botsa? Ha re inamiseng dihlooho tsa rona mme re bue le Yena... mme hopola motswalle, ha sena e ne e lokela hoba molaetsa wa ho qetela o ileng wa rerwa, mantswe aka ke nnete, hobane Bibele e re ke nnete, Moya o Halalelang o paka seo ka ho sebetsa tshebeletsong yaka le ho tiisa nnete ka dinepe. Dumela mme o bone Modimo hara lona... Ke ya dumela hore kganya e teng mona ha ke o rapella, ke yona ela eo le e bonang senepeng sa mane Houston, Texas. Ke bile ke ya dumela--pela Modimo waka le Mmopi waka le Mopholosi--ke yona topallo ela ya kganya e neng e etella pele bana ba Israel ka Moshe jwalo ka moetapele wa bona. Ke dumela topallo eo ya mollo e leng teng mona, mme o tla senola dipelo mantsibueng ana mona, ke yona topallo ela ya mollo e tlileng fatshe hoba nama hara rona ka sebopeho sa Mora wa Modimo, Jesu Kreste. Jesu O itse, "Ke tswile ho Modimo, mme ke kgutlela ho Modimo," mme ke dumela hore ha A kgutlela ho Modimo ka sebopeho sa kganya, ka yona tsela eo A tlile ho Moshe le ho ba bang baporofeta ka hare ho Bibele. Ke dumela e ntse ele yona kganya ela e ileng ya hlaha ho Paulose tseleng e yang Damascus, e sita le bao ba neng ba le ho yena ha ba ya bona letho. Ke dumela hore kganya e teng mona ke yona ela e ileng ya ntsha Peterose teronkong.
O teng mona ho araba thapelo ya mosadi ya dutseng mola, ke mosadi ya monyane ya hlooho e ntsho ya tshwenywang ke lefu la kello. Monna ya dutseng pela hae o tshwerwe ke mokotlo--le monna le mosadi--phahamisang letsoho haeba ho jwalo. Ha ke letsebe mme le lona ha le ntsebe, empa Morena Jesu Kreste O teng mona. Le fodile. Amen.
Ke bona kganya e fihla ho monna ya tshwerweng ke lefu la nyoko. Monghadi, lebitso la hao o Clarence, mme o tswa sebakeng se bitswang Grand Prairie. Ho jwalo, ha se nnete? Jwale, bothata ba nyoko bofedile, monghadi. O ka ya hae mme o fodile. Amen.
O re, "Moena Branham, o bitsitse lebitso la monna elwa." Na Jesu Kreste ha A le lefatsheng mona ha A kaba a bolella Simone hore lebitso la hae ke Simone, hore lebitso la ntatae ke Jonase, le hore o tla bitswa Peterose? Ho lokile! E ntse ele Yena. Amen.
Topallo ya mollo e eme hodima mosadi e mong ya nang le kgatello ya madi. Lebitso la hao o Mofumahadi Fishbrook, mme o tswa hona motseng mona, o dula seterateng sa 125th Street, nomoro ya ntlo ya hao ke 13104. Ha seo ele nnete, phahamisa letsoho. Ho lokile, e ya hae, o fodile, mosadi. Jesu Kreste A o fodise.
Oho ke ya le kgohla ho ka dumela batho. Sheba ho Modimo, mme o phele, mme dumela! Kganya ke ena e tla hantle hodima mosadi enwa--Mof. Pharr--o na le bothata ba pelo, ha o na seo? Na o dumela seo hore Modimo o tla o fodisa? Ntate wa hao ntle ho wena o na le bothata semoyeng. Ha o tswe motseng ona, o tswa dinaheng tsane, sebakeng se nang le dithaba. Ke Warren, Pennsylvania. Ha seo ele nnete, phahamisa letsoho. O fodile jwale, bobedi ba lona. Jesu Kreste A le fodise. Amen.
Ke tlilo e tsa se seng ha jwale. E mong le emong ya nang le mohatsela pelong ya hae bakeng sa Morena Jesus Kreste, bohle ba hole le kgalalelo bosiung bona, kaofela, e tlang ho Kreste ya sa tswang ho Itlhahisa ho lona. Etlang jwale ho Morena Jesu lohle ba batlang ho lahla ditshila tsa lona... Kreste O teng mona! Tlohong kapele ha jwale nakong eo A saleng teng. Na o ka etsa seo? Tloho motswalle wa ka wa moetsadibe, ya kgutletseng morao, ya batang, ya fofo, ka tlhahiso; etswang moo ho dibalconies, re lefa monyetla wa ho amohela Morena Jesu ya tlosang motsu wa lefu. Ke tseba hantle se ke se buang. O ne A ka se etse hore ke etse ntho tsena ho ka paka hore o teng. O batla ho lahla dibe tsa hao? Etlo hantle feela ha jwale, emong le e mong wa lona.
Molato ke o feng ka lona maCanada? Molato ke eng? Ke ntho e lokileng ho topalla, empa o seke wa ba thata. O tla swabisa moya hore o tlohe ho wena, mme o batla tsoseletso. Mamela. Ke bua Lebitsong la Morena! Roba manganga ao, le bothata boo ba hara lona; e yang mangoleng; o ya tseba hore ho hlokahala hore o bake. Ke bua Lebitsong la Jesu Kreste! Ha le batla hoba le tsoseletso, futhumatsang pelo tsa lona ho Kreste. Ke mosebeletsi wa Modimo, moporofeta wa Modimo, mme mona ho lona mantsibueng ana ho nale bao ba lokelang hore ebe ba mona aletareng. O lokela hore o loke ho Morena hobane hora e yatla eo o tlang ho hweletsa ka yona o batla thuso mme o ka se e fumane. Seo ke "Ho tjho Morena!"
Ke Modimo ya buang. Fumana tsela ya aletare ena, lona baiphapanyang--ho madimabe lona! Ha Moya o Halalelang o etla mme o etsa ntho tsena O etsa tsena hantle mahareng a lona--mme le dutse mona le hatsetse jwalo kaha e ka le shwele! Etswang ditulong tsa lona e tlang aletareng. Bakang kapa le ya timela! Ha ke tsebe hore ke bua taba tsena, empa se seng se mpolella hore ke bue mantswe ana. Ke ya le hlokomedisa, mohlomong e na e kaba nako ya ho qetela! Bakang! Ha ke kgathale hore na o wa kereke e feng--ha o saka wa baka mme lerato la Modimo lele siko ka ho wena, o moetsadibe mme o tseleng e yang diheleng! Seo ke "Ho tjho Morena."
Modimo Yena elwa ya bonang dipelo le ho bolela maemo, O ya bua ha jwale. Ke bua ka Lebitso la Jesu Kreste. Etlong aletareng, fumana pako ya hao kapele pele Modimo a fetole leqhephe bakeng sa hao, e be o lahlehetse ruri! Seo ke "Hotjho Moya o Halalelang," seo se mahareng a rona ha jwale!
Seo se nthithi, empa ke Yena--ke kgona ho bua seo feela. Modimo o ya tseba hore nka se bue sena hotswa ho nna. Se seng se nkamile mme sa etsa hore ke bue seo. Ke mamela Modimo feela. Ha re bina hang hape. Ho nale Sediba se tletseng Madi, ho molemo hore o tle. Oho ha jwang naha e na e hloka ho ka thuswa, o lokela ho ka rojwa pele o ka bopuwa. O satswa hotswa kerekeng o satswa ho fumana seo. O hloka ho ka baka, o hloka tsebo ya lerato la Modimo ka pelong ya hao. Mme o hopola--lentswe laka le tla o latella bophelo bohle ba hao! Ke nnete! Ke bua ka Lebitso la Morena Jesu Kreste. Amen.
Ere ke bue se seng mona: ha o nale se seng mona kgahlano le e mong, lokisa seo, ho na jwale! Hoba lefifi. "Moya waka ha o no dula ho motho!" Ke dumela hore hantle feela haeba pelo yaka e sa loka ke ne ke etla hang feela ho ka futhumatswa ke Modimo--nkabe ke se ke tlile mona aletareng.
Metswalle, ha ke soka ke bona sena se etsahala bophelong baka. Ha ke soka ke e ba le maikutlo a tjena e se ele nako jwale. Ha ke bona hoba lefifi ka moahong ona, se seng se ile sa etsahala, mme ao e ne e se mantswe a ka, kapa ka baka la mantswe a ka. Modimo O ya tseba hore seo ke nnete.
Ho nale se seng se phoso, hopola feela seo. Mamelang metswalle, ha ke moiketsisi, kapa eo eleng wishy-washy. Ke bua nnete, mme Modimo O hlahisa hore ke bolele seo. O ikutlwa jwalo feela "bokereki" o lesa Kreste kantle! Ke thabela ho ka tseba maemo, mme aletare e na e tletse ka pelo tse lokileng--seo se bontsha hore Modimo O ya tsamaya. Jwale kaofela ha rona re kopane, ha re rapeleng re bitse ho Modimo o tla re utlwa. Modimo O tla nea Edmonton tsoseletso ha le dumela... tlohong ha re bitseng ho Modimo. Mme hopolang sena, re hloka tsoseletso, mme madi a lona a hodima ka ka tsatsi la kahlolo. Ke bua ka Lebitso la Jesu! Na o rata ho ka bona tsatsi le leng la Pentecost? Ho tloha ho wena. Mofani wa Pentecost O teng mona--Moya o Halalelang. Rapela, bitsa ho Modimo!
Oho, Modimo wa kamehla, ke tla Lebitsong la Jesu Kreste. Jwale diabolose o kgalemetswe, mafu a fodiditswe, evangedi e rerilwe, mme matla a Modimo a tlositse mademona sebakeng sena. Oho Morena, roba dilekane tsohle, tabola tsela tsa mekgatlo, tabola tsela tsa ditheipi, mme dumella Moya o Halalelang ho ka kena dipelong ha jwale jwalo ka moya o fokang ka matla. Tlatsa sebaka sena mona ka Moya wa Hao o Halalelang, kenya mollo pelong e nngwe le e nngwe. Oho, Modimo o sa feleng, ya tsebang dipelo tsa batho, ya ileng a Itshenola jwalo ka topallo ya mollo, tshwarela dibe tsohle, tlosa ditshito tsa rona, mme o etse batho bana hore babe basweu. Fana ka seo Morena. Ho bokwe lebitso la Morena. Phahamisang matsoho a lona, Mo neheng poko... Mo neheng poko!
KGAOLO YA 2
E YA HODIMO HAPE
Ke rata ho arolelana le lona karolo e itseng metswalle ke ile ka ipotsa ha ngata ka tshebeletso e na ya William Branham.
Jwalo ka ha letseba hore Moena Branham o ne a lokela ho ya mose ho mawatle leetong la kgwedi tse nne lefatsheng. Mantswe a ileng a fumaneha a reng kereke tsa lona le mmuso diamohela sena. Holland, Germany, le Switzerland dilokisitse sebaka sa hodula se kabang 25,000 ho ka boloka diketekete tsa batho ba ikemiseditseng ho ka ya teng. Mmuso wa boreneng wa Ireland o ne o rometse hore o tla mofa sebaka tulong ya bona.
Ho motho ka tlhaho haho ditokiso kapa ho ne ho lokela hoba betere, haho monyetla o moholo ha kalo, empa Moena Branham o etsa feela kamoo Modimo A molaelang feela mme Morena O ile a molaela hoseye kgetlong lena. Modimo O ile a senola ho yena leru le letsho le lehodima metse eo a neng a lokela ho ya ho yona. Ho ne hole thata ka nnete bakeng sa hae ho ka bolella metswalle ya hae e ratehang hore a ka se kgone hotla. Ho bileng thata ka ho fetisa ene ele ho bolella batho ba Modimo hore a ka se kgone. O ile a qetella a ba bolella seo a ya hae. Yaba o kgutlela hae ka pelo e maswabi hobane pelo ya hae ene e le bohloko. O ne a nahana hore ba bangata ba ka se utlwisise, bongata botla utlwa bohloko le ho swaba, mme sena ke sona seo se neng se moswabisa. Empa Moena ya ratehang Branham a tseba, ka hodimo ho lehodimo le lefatshe, mekgwa le maatla, leha e kaba eng, tsela tsa Modimo ke tsa bohlokwa le ha a bua. Ho sa kgathatsehe hore motho o nahanang o lokela ho mamela tao ya Modimo.
Ke mohau o mokakang ho ka ema mantsweng ana:
Ho se dumele ho lefifi ho hlola ho lahleha
Ho phaila hoya timelong;
Modimo ke toloko ya Hae ka boyena
Mme o tla hlalosa sohle.
Leha nako ya ho swaba ele teng, kapa hora ya lefifi, haho motho ya tsebang hore na Modimo O hlaha ka tsela e jwang ho fetola dintho. Mme ho ne hole jwalo le moo. Ka mora matsatsi a mmalwa mohala wa lla e le wa Moena Branham. E ne ele motswalle wa hae e moholo Moena Sothmann wa Canada ya neng a nahana hore kopano e ya tswella Tacoma. Kamorao ho moo Rev. A. W. Rasmussen, moetapele wa Bethel Temple of Tacoma, a letsetsa Moena Branham mme ho ne hotswa pelong ya hae hore a meme Moena Branham ka nako ena ho tla Tacoma tho tla tshwara kopano.
Banna ba Modimo ba babedi ke bana, e mong o ya kopa mme e mong o ya mema! Mme jwalo kaha re tseba hore Modimo ke Yena ya "laolang!" Jwale o lokela ho bua! Hobane Moena Branham o ne a ka reng ho dikete tsa batho lefatsheng "tjhe" mme a re "e" ho ba mmalwa? Ke eng seo a ka se bolelang mme sa utlwahala, matleng a hae? Ho ne ho se lentswe leo a ka le buang. Empa ha pelo e lokileng e hloka karabo Modimo o na le Yona. Ho hotle ha ka kang, ho ho holo, ho ka bua hantle feela le Modimo--mamela mantswe a Hae ha A bua le Moena Branham:
"E ya hodimo hape, mane Tacoma." Mantswe a tsheletseng feela--hanyane Modimo A bua le rona, O ile A ua lefatshe la etsahala.Jwale nahana hantle feela seo. Ntle ho tekanyo, ntle ho tekanyo feela, e seng mantswe a taolo, e seng tsela ya ho etsa--mantswe a tsheletseng feela. Motho a ka nahana hore Modimo o nka leeto kaofela ho ka hlalosa. Empa taolo e ngwe le enngwe, ho sa kgathatsehe ka ho bua ha bobebe, Modimo O ile a lokisa tumelo ya mosebeletsi wa Hae. Mme lebopo la hose dumele, ka Lebitso la Hae, maemo ao e kaba karolo ya rona. Ha Modimo a bua ka tsela ena ho hlaka ho nna hore ka tumelo re tla tlisa ponahatso jwalo kaha re etsa--ka bohato ka bohato. Modimo o tla etsa leano lena la Hae jwalo kaha Lentswe la Hae le builweng jwalo ka karolo ya rona e dumela ho Yena.
Tacoma, ka dithapelo ditswella le ho itima dijo ka ho tswella, diile tsa utlwahala ho Modimo. O ne a romela tsoseletso ho mosebeletsi wa Hae Semoyeng, ho fodisa ba kulang, le ho kenyeletsa kereke, Mmele wa Hae, jwalo kaha A etsa ho mosebeletsi wa Hae.
Ke ne ke thabiswa ke Moya wa Kreste hare ho bahalaledi ba Tacoma le ho fapana jwalo hotswa metseng e meng ba neng batlile ho kopana moo. Ke ne kele kopanong letsatsi le letsatsi ho tloha ka hora ya 1 ho fihla ka 10:30 mantsibua. Ke dutse moo ho leng teng dibuka. Bakeng sa hora tse 9 1/2 letsatsi le letsatsi ke bua le ho kopanela le batho, mme ba botsa dipotso. Ho ne ho se le ya mong ya sa lokang. Emong le emong ka tsela eo a batlang ka teng, thabo, le ka kgotso. Kopano kaofela ene e kopane ka tumelo Moyeng. Ho ne ho se ya ikgathallang, empa moena wa hae.Ho ne ho se bopaki ba dithuto kapa matshwao a dintho disele kapa seo. Ka nnete Modimo O ne a tsamaya hara rona kopanong. Ene ele kopano e kopaneng ho feta tseo nkileng ka ditsamaya.
Tholwana tsa Moya di ne dibonahala, mme dineo tsa Moya di ne di sebetsa hara batho --boporofeta, diteme, tlhaloso ya diteme, diphodiso, le mehlolo. Na ke lokela hore ke o tsebise wena mmadi ya ratehang hore ke o bolelle seo ke se utlwileng lemong tsena tse nne? Ke bone ponahatso tseo ka nako tsohle bakeng tse fapaneng. Empa ke ne ke e so bone ha di etsahala ka tsela eo dietsahalang ka teng jwalo ka boporofeta le botoloki ba diteme. Oho botebo, lerato, tsela eo Modimo A buang ka yona le batho ba Hae. Ke takatso yaka ho ka arolelana le wena taba tseo.
Moena Branham ha a qeta ho rera "Re tla Bona Jesu," mme letshwele lene le kgutsitse--haho, motsamao le o mong, le ha ele ho seba. Ha Modimo A bua O bitsa kgutso e halalelang! Esita le Moena Branham ya neng a bua hang a kgutsa! Hang feela ha utlwahala Lentswe hotswa balkoning. Ho ne ho sa hlokahale microphone hobane Modimo O ne a butse ditsebe! Moya O ne o diisa hantle feela tsebeng tsa batho. Ere feela ke khote hantle feela--lentswe ka lentswe ho tloha ho tape recorder:
"Modimo O re ho setjhaba sena saka, e nwa ke mosebeletsi wa ka eo ke morumileng, esita le ho lona, esita le molokong, o lokela ho bua ka sebete jwalo ka Paulose, ho ka bontsha hore ke morumile.
"Hobane ke rumile mosebeletsi waka Branham. Ke kentse Mantswe a Ka hanong la Hae. Esita jwalo kaha ke romile Mora waka, mme tjhaba saka ha se ya Morata--le ka tsela eo ke romileng mora wa ka Branham, e sita le matsatsing a na--mme sena se tlile.
"Hobane ba kopane le Yena, ba kopanetse dibakeng tsa bona tsa sephiri. Baetapele ba kopane mmoho. Ba bile ba se ba moahlotse. Baitse sephiring sa bona-- 'Re tla molatola--re tla batla diphoso ho yena. Re tla fumana diphoso ho yena, mme re tla bolella batho. Re tla bolella batho hore ke Beelzebube. E ya, ha se Moya wa Morena ya morumileng.'
"Ke tla ba ahlola esita le ka mohlanka wa Ka Branham eo ke morumile.
"Hobane ke tla kenya Moya wa Ka ho mohlanka wa Ka mme ha le sa mo mamele ke tla tlosa Moya wa Ka. Empa ha O ka wela ho lona, ha Lentswe la Modimo le wela hodima lona, le tla hatellwa, mme ntlo ya lona e tla le senya. Lena ke lefika, ha le ka wela hodima lona le tla robeha. Empa ha le ka wela hodima lona le tla lesila jwalo ka phofo.
"Mme e sita le bao ba kopaneng mmoho, ho bolela Modimo ho bao ba ipitsang ka hore batlatsuwe ka Moya o Halalelang: Hobane le bile batho--ke lehlohonolofaditse, ke le tlotsitse, empa hobane le kopane mmoho ho ka nyatsa mohlanka wa Modimo eo a rometsweng ho lona. Mme e sita le ho leahlola ka yena, mme ntlo ya lona e tla senyeha--esita le tsatsi lena, mme e sita le ka hora ena. Hobane le tla bitsa tsoseletso empa le ka se e fumane, hobane ha ke bitsa ho lona ha le ya tla. E tlaba ntho e makatsang haholo. Le lona le tlile jwalo ka batho ba Ka mme ke tebetse madimona, le ho fodisa ba kulang, le ho roba bohobe ka nako, ba re 'o na le diabolose.'
"Empa ho lona ba nang le ditsebe ba utlwa seo Moya O se bolellang dikereke, hobane ke tla le bolella. Ke tla romela mohlanka wa Ka ho lona ho lehlohonolofatsa mme le tla kopanela ho nna. Le tla hlhonolofala ho feta kamoo le ka tsebang ka teng. Tlosang mehopolo ya batho le tsela tsa batho mme le kgutlele ho Modimo.
"Boporofeta bona bo boholo! Mme ka nako ena ke tla le nea tsohle. Modimo O bua le rona ka baporofeta, A re hlokomedisa, ka dimpho tsa bohlokwa ka kotsi e mpe.
Jwale e re ke o botse hore na ke--dipuo le tlhaloso ya tsona.
Ha ke tla Tacoma ke fumana hore mollo o ntse o tuka hotswa kopanong e fetileng--mollo wa tlholo ka tlotliso ya Modimo ka ditshelo tsa lefatshe. E nngwe ya ditshelo tseo ke Mof. John Lewin, 1313 Hood Street, Aberdeen, Washington. O ile a njwetsa molaetsa oona, mme ka mantswe a na a latelang:
"Hlabuleng la1946 ke ile ka ba moholo hona ho ne ho bolelwa hore ke tliloba mme. Ka ya ngakeng. Ya sebolele letho. Beke tse pedi tse latelang ka hlokomela ho tsholla. Ka kgutlela ngakeng mme tlhatlhobo ya bontsha tumor e kgolo. Hang feela ra rapela le bahalaledi empa ka nna ka mpefala. Qetellong ngaka ya mpolella hore "ke nale kankere," mme mmele waka o senyehile.
"Motswalle a mpolella ka Moena Branham ya neng a etla Portland, Oregon. Ra rapela Modimo ho ka etsa tsela ya hore ke kgone hoya, mme a fela a etsa seo. Ke ile ka rapellwa haholo phirimaneng eo. Moena Branham a mpolella hore ke na le mofetshe, 'Ho hora tse 72 ditla tla ho wena.' Ka kula haholo nakong eo. Ka kena ka phapusing yaka ka kula ho feta. Ke fetile ho mofetshe jwalo kaha ke entse ka ho sa bonahale.
"Mpa yaka ya nna ya hola ka dikgwedi. Yaba hoseng ho hong yare. Ka ya ngakeng ka kgwedi e hlahlamang-hodimo le ho bontsha seo e ne e sa bone letho la mofetshe mmeleng. Ke fodile kajeno! E se ele lemo tse leshome le motso ole mong ke ile ka rapellwa. Ke thabetse phodiso yaka, mme bakeng sa lerato la Moena Branham le botshepehi ba hoba mohlanka wa sebele wa Modimo.
"Ntho ele nngwe bopaking ba Mof. Lewin e re makatsang ke tsela eo phodiso e tlileng ka teng. Ha e ne ele mohlolo e kabe a ile a fola hang feela, empa phodiso e nkile nako. Ke nnete O ile a feta mofetshe horeng tse 72, empa pholo ya dikarolo tse lemetseng le ho aha disele dine dinka nako ho ka fola. Le ha e mong a kare e ne ele mhlolo ho ka fodisa motho ya shwang ho ka mokgutlisetsa bophelong. Ha se lebaka hore mohlolo o bonahala jwang ka nako yona eo, moo phodiso ya karolo tse senyehileng e nkang nako. Jwale re ya tseba hore phodiso e thibela lefu la disele tse lemetseng. Ke tla hlalosa ka tsela eo a buang ka yona. Ho kopanya moshemane wa India lemong tse robong tseo dietsahetse. Lebitso la hae ke Toni James, Route 1, Box 326, Shelton, Washington.
Toni James e monyane a tla kopanong a foufetse. O ile a lahlehelwa ke pono ya hae a le matsatsi a robedi ha a ne a wa mme madi a tlala ka mahlong a hae yaba o ya foufala ka lona lebaka leo. Kamora nako e telele mme wa Toni a leka dingaka di hlolehile, "Mora wa hao ha a hlole a bona hape! Isa ngwana wa hao hae haho kamoo re ka etsang." Dingaka tsa mmolella hore o nale seriti ka leihlong le leng la hae, ba bang ba ile ba fellwa ke tshepo hohang.
Lemong tse tsheletseng Toni a kena Washington State School sa batho Bafoufetseng. Ka nako eo ntate wa Toni' a utlwa ka moporofeta wa mongwaha ona wa rona lebitso la hae ke William Branham. A bua ka diphodiso tse ngata tse etsahetseng. Ka tshepo e kgolo a dumela. Ka nako e nngwe ntate wa Toni ka hlompho e kgolo ho moporofeta ya sokang a bonwa. A dumela ka pelong ya hae ka tsela e jwalo Toni le yena. Ba ne ba dumela hore ka tsatsi le leng Modimo o tla etsa tsela.
Ha taba tseo difihla tsebeng tsa ntate wa Toni tsa hore Moena Branham o tla ho la Tacoma a batla e be wa pele moo. Mme ka Laboraro mantsibua, bosiu ba pele kopano ya ho qala, ho ne hole teng Mong. James le mora wa hae wa sefofu, ba pele kapele moleng. Sohle seo ba neng ba se utlwile ka Moruti Branham e ne ele nnete. E fetoha nnete e phelang kapele ho mahlo a bona. Ka pelo tsa bona tse thabileng ba ile ba ya hae ba bolela seo ba se boneng.
Labone mantsibua Toni le ntatae e ne ele bona bapele. Ka tsatsi lena ba bitsa mme wa Toni le nkgono wa hae. Haho tla nako ya molaetsa wa hae hwaeba le kgutso e kgolo. Metsotswaneng e mmalwa Moena Branham a qala ho bitsa batho--oho, ba bangata ba ile ba bitswa, le ba bang hape ho feta, hobane tumelo e ne ele matla hara batho. Qetellong mahlo a Moena Branham a wela hodima Toni. Kgutsoe kgolo yaeba teng. A sheba hantle feela ho mme wa Toni mme a re, "Tlisa mora wa hao ya sefofu ho nna." Ka potlako Mof. James a tlisa Toni ho platformo. Baeme kapela Moena Branham a tlisa mora wa hae matsohong a moporofeta! Moena Branham a tshwara hantle mora eo mme a tswella ho rapela.
Hang feela, ka phatsimo ya mahlo a Toni, a bona, mme Toni e monyane a bona moporofeta wa Modimo wa moloko ona. Moena Branham a ema mme a re ho mmae, "O ya futhelwa mme dingaka diitse dika se o thuse--mme o fodile le wena." Yaba o fetohela ho ntate wa Toni a re, "Monghadi, o fodile le wena." A fetohela hape ho nkgono wa Toni mme a re, "Tumelo ya hao e o fodisitse."
Nakong eo letshwele la wela tlasa matla a Modimo. Batho ba ne ba thaba, mme ba lla, le ho tlotlisa Modimo. Yaba matla a Modimo a phodiso a wela hodima batho. Ka ema kamorao ho moaho, dikeledi ditheoha marameng a ka. Ke hopola kere, "Morena ya ratehang,haho makatse ha lentswe lere ngwana o tla baetella pele'."...
Ho tloha bofofung ho ya kganyeng--ke mohlolo wa nnete. Empa sena se ya makatsa.Motswalle wa Mof. James a tla ho yena a re, "E ka sebe jwalo, o ile wa lokisa sena." Mof. James ka kgalefo a kgalema motswalle wa hae, "Sheba mahlo a mora waka." Ha motswalle wa hae a sheba mahlo a Toni' a bona hore haho kamoo a ka latolang seo Modimo a se entseng, mme a mofuralla. Phirimaneng eo ha ba ya hae Mof. James a nahana ka se etsahetseng phirimaneng eo. O ne a sa hlokomele se etsahetseng. Ka pelong ya hae a qala ho belaela ka pelong ya hae, "O seke wa belaela phodiso ya hao e tla lahleha, empa dumela." Phirimaneng e latelang tlhaloso e na ya bolelwa mme Mof. James a tseba hore ke nnete:
"Bona ho bolela Moya wa Modimo--
Na ha Ke ya letshepisa pheletso ya lefatshe? Ha Ke ya letshepisa hore ke tla tiisa Lentswe laka ka mehlolo le meeka ka diministry? Ke re ho batho bana ha feela ba dumela bakeng sa tshepiso tsa Ka mme le tla bona kgalalelo eo ke e tshepisitseng lefatshe. E tlaba Moya waka o tlang ho etsa mesebetsi ya Ntate. Mme kere ho lona,shebang ho Nna le tla fola. Kere ho lona, shebang ho nna le fole."
Metswalle, tlhaloso e na e ne ele matla hoo bahlanka ba neng ba le teng ho bileng le kgutso e kgolo. Oho matla ao pelong tsa rona ha Modimo a bua. Ke thabile hobane o buile mantswe ao--hobane tumelo ya rona e ya fokola, mme matla a rona a ya fokola. Aha empa mohau wa Hae o dutse o le teng.
Mme batho ba bangata badumela hore Modimo o buile, mme le hore bohle ba lokela ho dumela. Mof. James ba neng ba tseba le ho dumela hore Modimo o buile.
Tseo dintle tsa Modimo di ne di le Tacoma. Oho bakeng sa moporofeta ho ka utlwa ha Modimo A bua "E ya hape." Ho e tsang ho ka tseba hore moloko wa rona ha o na le moporofeta ya romilweng! Mme hantle feela Modimo o ne A itlhahisa hara rona, ka lerato, ho re tlisa kopanong ka tumelo. Ke ne ke ikemiseditse hantle feela ho utlwa ha Modimo a bua ka mohlanka wa Hae hara motse--re ka ikemisetsa ho utlwa hotswa lehodimong.
Jesu Kreste, Yena, maobane, kajeno le ka ho sa feleng. Sena se nepahetse ha kae. Ke tla nka sena ele tlotla ho ka jwetsa bakulang kapa batshwenyehang hore Jesu Kreste O mphodisitse moo meriana e hlolehileng teng. Ho bokwe Modimo! Se hlolang motho ke tlotla ho MODIMO.
Ka 1952, ke qadile hoba le hlooho er bohloko. Ya nna ya opa ha nako e ntse e ya mme ka fumana hoba le ho tsekela ka nako tse ngata. Yaba ke lahlehelwa ke botsitso mme ka tswella ho opelwa ke hlooho. Ka nako ena ka kopana le ngaka ya lelapa. A re ke bone Optometrist ho ka hlahloba mahlo a ka. Sena se ile sa etswa ke ngaka ya mahlo a fumana hore haho kopano ya letho kgahlano le mahlo a ka. Ha ngata ngaka ya mpolella hore ke ye tliniking e nepahetseng le ho qeta hlahlobo e lokileng. Qetellong ka Phupu 1954 a mpolella hore haho letho leo ba ka leetsang Mayo Clinic mane Rochester, Minn. Ke ne ke kgathala nako le nako. Ke ile ka lokela ho lesa ho kganna ka baka la pono e fokolang. Nako e ngata yaka ka e qeta ke robetse.
Qetellong ya Mphalane1954 ka ya War Memorial Hospital mane Soo, Michigan. Ka qeta matsatsi a robedi ke hlahlojwa. Ngaka eo re neng re nang le yona ha rele moo ke yeo ke neng ke e tseba ho tloha kgale ka dilemo mme ke e tshepa le ho e hlompha. Ha a ntokolla sepetlele, a re ke ye tliliniking bakeng sa pheko. A re sena se bonahala ele sa nnete.
Tshitwe 1954 ka dumela ho ya Mayo Clinic. Ka bea letsatsi la kopano beke tse pedi pele ke ya hlahlojwa tlasa tlhokomelo e kgolo. Tlhatlhobo ya ho qetela ya Medical Sciences ya bokellwa ho electroencephalogram e bitswang tlhatlhobo ya boko. Matsatsi a mabedi kapa a mararo a latelang ka romellwa morao ho moaho wa Medical Sciences moo electroencephalogram e neng e bolokile tlhatlhobo yaka, lebitso ene ele Metrazel. E ne ele seo ba neng ba se bona bokong baka, kgatello e etsa hore kebe ka tsela eo.
Ka kgutlela hae ke kgathatsehile mme ke kula haholo. Monna waka eo ka nako tse ngata a neng a re ho nna Jesu Kreste O ne a fodisa o na malwetse ao matsatsing a Bibele a re ke dumele ho Modimo bakeng sa phodiso yaka. O ne a soka a ya kerekeng a bolellwa ka phodiso e halalelang ka nako tse ngata ke ile ka mmolella ka motswalle waka ya dumelang ho nthong tsohle. O ne a ikemiseditse ho dumela le yena. A re o tla nkisa bakeng seo ho nang le tsoseletso teng. Ke neke bolellwa ha ngata ka mohlanka wa Modimo Mor. Wm. Branham ya rapellang batho. Ra fumana hore o tla tshwarela tshebeletso ho Philadelphia Church mane Chicago, Pherekgong 12, 1955.
Ha Modimo A ka boloka feela bophelo baka ho fihlela ke e ya kopanong eo. Moena wa ka le mosadi bafihla batswa California ho tla re kgothatsa. Ho ne ho le teng mohlanka wa Modimo ya neng a phela mona monna wa hae ene ele moetapele mosebetsing ho ka phetheha mane Mackinac Straits Bridge. Lebitso la hae ene ele Mof. J. A. Hightower hotswa ho Memphis, Tenn. O ne a ile a fodiswa mofetshe o ne a bua hotswa tsebong. O ile a nkgothatsa mme ra rapela le ho nkgothatsa hore re tshepe Modimo. E meraro kapa e mene metswalle ya ka ene e ye e tle lapeng ho nthapella hore Modimo a kopane le rona kae kae. Ke leboha Modimo ka bahlabani bao ba dithapelo.
Ka nako ena ke ne ke lahlelwa ke ponto ka letsatsi le letsatsi. Ka Pherekgong 10, 1955 ra tloha hae ho ya Phodisong, kopano tsa Phodiso mane Chicago ka Moena Branham. Bahahisane bare ke leeto le senang molemo leo monna wa ka a le nkang ho nkisa ho le ka tsela e jwalo. Re ne re phela dimaele tse 500 ho tloha Chicago. Ho re nkile matsatsi a mararo leetong leo. Ka nako tse ding ke ne ke nahana lefu le tla nkuka ke e so fumane phodiso.
Pherekgong 13 ka 10 a.m. ra fihla Philadelphia Church. Baheso ba botsa Moena Branham mme ra bolellwa hore re ka se mmone ho fihlela ka nako ya tshebeletso mantsibua. Banna ba banyane ba neng ba tlile ho Bible School ya Kereke bare ke tliswe ka hare ho phapusi ya thapelo moo ke tlang ho phomola teng ho fihlela tshebeletso e kena. Motsheare wa mantsibua moholo a tla a ntebella a rapela hore Modimo a mpoloke ho fihlela tsehebeletso ya mantsibua.
Ha tshebeletso e qala baile ba nkenya ka hare ho kotho ya aletare. Motsotsong ooka rapela hore Modimo a boloke monna waka le ho mphodisa. Ho ne ho bonahala e ka ke akgehile feela. Mmele waka wa hatsela mme ka tshoha. Mofufutso o batang wa wela hodima mmele waka.
Kamorao hore Moena Branham a ntshe molaetsa, a bitsa mola wa thapelo. Yare ha a ntse a rapella batho moleng wa thapelo, Modimo A qala ho mmontsha se seng. A kopa letshwele ho lebella. A re, 'Ke bona moaho o moholo le tora. Moaho o na o motseng o mong, motse o na o bodibeng. Ke Mayo Clinic mane Rochester, Minn. Ke bona mosadi ya iswang tliniking e na ke baratuwa ba hae. O tswa Michigan. O rometswe hae hotswa moo. O nale lefu la boko le etsang kgatello. Moena Branham yaba o sheba hara letshwele mme a mpona ka hare hokhoto mme a re, 'Morena A o hlohonolofatse,kgaitsedi moo, ke wena. Ema, nka kobo tsa hao mme o tsamae. Jesu Kereste O o fodisitse. E ya hae, o fodile mme Morena ao hlohonolofatse.
Ha Moya o Halalelang o bua le Moena Branham ka utlwa e ka letsoho le beuwe hodima hlooho yaka. Ha ke kgone ho ka hlalosa kamoo ke neng ke ikutlwa ka teng. Mantswe ha a kgone ho hlalosa kamo eo. E ne eka lelakabe la phodiso le ya nkama hlohong ho ya fihla maotong. Matla le boteng ba Modimo, matla a kena mmeleng waka le ho mphodisa ka ho otloloha. Ke leboha Modimo ka seo.
Ka bosiu boo monna waka a amohela Morena jwalo ka Mopholosi, mme ke takatso ya rona ho mosebeletsa ho fihlela a re bitsetsa hae.
Ke ngola bopaki bona lemo tse tharo kamorao ho phodiso yaka ha ke soka ke tshwarwa ke hloho hape. Ke bolela ka nnete hore Jesu Kreste ke Mopholosi waka, Mofodisi, Mokolobetsi le Motswalle. Ke sohle saka. Ke thapelo yaka hore bopaki bona bo ka tlisa e mong ho tshepa Modimo ho etseng tsohle.
Kgaitsedi ya Lona ho Kreste,
Mrs. Wesley Eveleigh
890 No. State St.
St. Ignace, Mich.
Haholo ke batla ho leboha Moena. Jos. Mattson Boze, moetapele wa Philadelphia Church mane Chicago ka kgothatso e na ha ke ne ke e hloka. Morena a mo hlohonolofatse.
| nathan.co.za Bible | Sermons | Books | Studies | Missions | Stories |